Nka sebetsa joang le joang,
Ha ho letho le thusang;
Kapa e leng dikgapha,
Mahloko, mahlomola;
Be se ke ke sa tlosoa,
Hae se 'wena feela.
Leha nka tlisa gauta
Tsa lefatshe kaofela,
Ha di na ho tadingoa,
Ha di na ho ntopolla.
Ke tla ke tshepa wena,
Ke se ke ka timela.
馃檶馃徑馃檹馃徑馃檶馃徑
Jesu, rato la hao
U mphile lona;
Ke molato oa hao,
Ke tla u fa鈥檔g?
Ke inea uena,
Ka 鈥榤ele le moea.
Ke ntsha hanyenyane,
U mpha tsohle.
馃檶馃徑馃檹馃徑馃檶馃徑
Ka dinako tsohle,
Morena ka,
Oho, o nkgopole,
Ke-a rapela!
Lehlaso:
E, ka metsotso yohle,
Jeso, ke-a o hloka;
O ke o hlolohetswe;
Bapa le nna!
馃檹馃徑馃檹馃徑馃檹馃徑
Re ka lebala joang
Bitso le monate
La 鈥楳oloki ya ratehang,
Ya tlhotseng Satane?
Re ka lebala joang
Madi a Konyana,
A tsholotsoeng sefapanong;
A tsholletsoeng rona?
馃檶馃徑馃檶馃徑馃檶馃徑馃檶馃徑
A fehoa sefateng,
A nyaroha hampe.
Ba mo hlaba lehlakoreng
Ka rumo le lebe.
Empa ho fedile,
Molao o phethiloe;
Madi joale a lefile,
Tsohle di lokile.
馃檶馃徑馃檶馃徑馃檶馃徑
Bonang sefapanong
鈥楳oloki wa batho
Ho re lopolla tahlehong
A ineela lefu.
A shoa ke lerato
Lee a re ratileng;
A re jarela thohako
Re lokolloe dibeng
馃檶馃徑馃檶馃徑馃檶馃徑
Difela retweeted
Jehova, mo tsamaise
Ngoan'a hao ea sepelang;
Ke phaila ke tsietswe
Tseleng moo ke hlahlathang!
Jehova.
O Ntate, ke o tshepile.
Ntate, o se fele pelo
Ha ke ntse ke kgeloha;
Ho lefifi, hase boomo,
Ke timelloa ke tsela.
Jehova,
Se lese ho ntsamaisa.
馃檹馃徑馃檶馃徑馃檹馃徑
Ntate, lerato la hao le lekaakang,
Le ntshithabetsa kutlo, ke le ntlhollang,
Le ntletse pelo, le kgaphatsehile,
Leme la ka le mpa le rarehile.
Ke mang ea ka bolelang
Lerato le hlollang,
Rato la Modimo
Le bolokang?
馃檶馃徑馃檹馃徑馃檶馃徑
Ha le lakatsa ho tseba
Ka mo ke pholositsweng,
Mamelang ha ke le jwetsa,
Ke le sopisa tsela.
Jesu ke 'Moloki wa ka.
O nkhethetse bodulo;
Kea mo rata, hob'a nthata,
O 'neile bophelo.
馃檶馃徑馃檹馃徑馃檶馃徑
Ke tshepa modisa,
Ya disang ka lesoai;
Ke eena ya tla ntshedisa
Ka mohau wa hae.
Dira di ka ntlhoya,
Ke sa ja monono;
Mohope wa kgaphatseha
Ke dutse ka thabo.
馃檶馃徑馃檹馃徑馃檶馃徑
Ke ngoana hao, bitso la hao le rokwe
Moren'a ka, ke ineela wena.
Ke ngoana hao, kea o rata, kea boka;
Ke ngoana hao, ke ngoan'a hao!
Pelong ya ka ke ne ke belaela,
Ke sa kgolwe, ke lebella tsuo.
Sedi la hao la ba la mpontsha tsela;
Ke ngoan'a hao, ke ngoan'a hao!
馃檹馃徑馃檶馃徑馃檹馃徑
Ba reng ba mo sala morago,
Ba itele pele,
Ba se ke ba tshaba molao
O thapisang 鈥榤ele.
Ba inkele sefapano
Mahetleng a bona;
Ba tle ba shoele dikano
Tse ba leng ho tsona.
馃檹馃徑馃檶馃徑馃檹馃徑
O mphe Moya wa lesedi,
Wa bophelo le matla;
O mphe leha e le hlase,
E bonese ka ho 鈥榥a.
O Jesu, Mong鈥檃 ka,
O se ntebale le 鈥榥a!
馃檹馃徑馃檹馃徑馃檹馃徑
Ntate, nnehe pelonolo
E lakatsang tlhweko!
Nnehe le moya o motjha
Wa sebelebele!
O rata le yona pelo,
Pelo e hlomohang,
O rata le ona moya,
Moya o ithobang.
馃檹馃徑馃檹馃徑馃檹馃徑
Tlo Moea o Halalelang
Moe鈥檃 鈥榥ete, oa cheseho,
Kena dipelong tse batang
Di tukisoe ka lerato
O re etele, Mohloeki,
Ka dineo tse ho uena
O romiloe ke 鈥楳oloki
Ho tla re abela tsona
馃檹馃徑馃檹馃徑馃檹馃徑
Leha nka tlisa gauta
Tsa lefatshe kaofela,
Ha di na ho tadingoa,
Ha di na ho ntopolla.
Ke tla ke tshepa wena,
Ke se ke ka timela.
Ke se ke tla tsamaya
Eto la ho qetella;
Pel'a hao ha ke fihla,
O se ke wa nteleka.
Wena lefika la ka,
Ke tshabetse ho wena.
馃檶馃徑馃檹馃徑馃檶馃徑
Bokang Molimo Morena,
Ikokobetseng ho ona.
Mohloli wa tsohle,
O bohlale o molemo,
O matla, ke Ra-ho-loka.
Popo emo tlotle.
Tumisang Molimo Mora,
Yo re bileng ra mo hlaba,
Ka dibe tsa rona.
Bohle bao le rekolotsoeng,
Tlotlang ena ya re shwetseng,
Morena wa lona.
馃檶馃徑 馃檶馃徑 馃檶馃徑
Na ke bo-mang mose ledibohong,
Ba hlohlorang role la lebitla,
Ba lesedi, ba kganya,
Ba meqheka dihlohong?
Bohang seema, ha ba hlaha ka kgoro,
Jerusalema e mocha;
Pina tsa bona tse tsoisoang ke nyakallo:
Ke madi a Konyana.
馃檶馃徑 馃檹馃徑 馃檶馃徑
O morati ea nthatang,
Ea ikentseng motsoalle
Wa pelo e tshepehang,
Ngoan'eso ka sebele!
O Jesu, Jesu wa ka,
Wena Mor'a Modimo,
Ha o mpona lefeela,
O nthata ke'ng hakalo?
馃檶馃徑馃檹馃徑馃檶馃徑


















